BIBELE e Halalelang

Luka 7:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yare ha a qetile dipolelo tsa hae tsohle ditsebeng tsa setjhaba, a kena Kapernauma.

2. Molaodi wa lekgolo o ne a ena le mohlanka ya kulang, ya leng makgatheng a ho shwa, eo a mo ratang haholo.

3. Eitse ha a utlwa taba tsa Jesu, a roma baholo ba Bajuda ho yena, ho mo rapela hore a tle ho fodisa mohlanka wa hae.

4. Ha ba fihla ho Jesu, ba mo rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho rapela ka matla, ba re: O tshwanelwa ke ho etswa jwalo ke wena;

5. hobane o rata setjhaba sa rona, e bile ke yena ya re hahetseng sinagoge.