BIBELE e Halalelang

Luka 6:45-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

45. Motho ya molemo o ntsha ditaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme motho e mobe o ntsha ditaba tse mpe letlotlong le lebe la pelo ya hae; hobane molomo wa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.

46. Na le mpiletsang Morena! Morena! kanthe ha le etse tseo ke di bolelang?

47. E mong le e mong ya tlang ho nna, ya utlwang dipolelo tsa ka, mme a di etsa, ke tla le lekanyetsa eo a tshwanang le yena.

48. O tshwana le motho ya hahang ntlo, eo, eitseng ha a tjheka moralo, a o etsa sekoti, a e thea letlapeng; yare sekgohola ha se etla, phororo ya otla ntlo eo, empa e se ke ya e sisinya, kahobane e theilwe letlapeng.

49. Empa ya utlwang, mme a sa etse, o tshwana le motho ya hahileng ntlo ya hae hodima mobu, e se na motheo; yare ha phororo e e kgahlela, ya phakisa ya wa, mme ho senyeha ha ntlo eo ya eba ho hoholo.