BIBELE e Halalelang

Luka 6:15-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Matheu le Thomase, Jakobo, mora Alfea, le Simone, ya reilweng Selote;

16. Judase, mora Jakobo, le Judase Iskariota, ya ileng a fetoha moeki.

17. Ha a theohile le bona, a ema lehwatateng le bongata ba barutuwa ba hae, le batho ba bangata ba setjhaba ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le mathokong a lewatle la Tire le Sidone, ba neng ba tlile ho mo utlwa le ho fodiswa malwetse a bona;

18. le ba neng ba tshwenyeha ke meya e ditshila ba ne ba fodiswa le bona.

19. Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.

20. Yaba o emisa mahlo, a tadima barutuwa ba hae, a re: Ho lehlohonolo lona bafumanehi, hobane mmuso wa Modimo ke wa lona.

21. Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.

22. Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.

23. Mohlang oo, le thabe, le nyakalle, hobane moputso wa lona o tla ba moholo lehodimong; le bontata bona ba ne ba etsa baporofeta jwalo.

24. Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le bone tshediso ya lona.

25. Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.

26. Ho madimabe lona, mohla batho bohle ba le rorisang, hobane bontata bona ba ne ba etsa baporofeta ba bohata jwalo.

27. Empa ke re ho lona ba mamelang: Ratang bao e leng dira ho lona; ba le hloyang le ba etse hantle.

28. Hlohonolofatsang le ba le rohakang, mme le rapelle ba le tsohelang matla.

29. Ya o jabelang lerama, o mo sekehele le leng; ya o amohang kobo, o se ke wa mo hanela le kojwana.

30. Nea e mong le e mong ya qelang ho wena, mme ha motho a o hlakotse tsa hao, o se ke wa boela wa di lata ho yena.

31. Jwalokaha le rata ho etswa ke batho, ba etseng jwalo le lona.