BIBELE e Halalelang

Luka 5:5-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa.

6. Ha ba entse jwalo, ba tshwasa bongata bo boholo ba dihlapi, letlowa la ba la kgaoha.

7. Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.

8. Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.

9. A rialo kahobane tshwaso eo ya dihlapi e ne e mo makaditse, le bohle ba nang le yena.

10. Ha eba jwalo le ho bara ba Sebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone. Jesu a re ho Simone: Se tshabe; ho tloha jwale, o tla ba motshwasi wa batho.

11. Mme ha ba buseditse dikepana lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela.

12. Eitse ha a le motseng o mong, monna ya tletseng lepera, ha a bona Jesu, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo rapela, a re: Morena, ha u rata, o na le matla a ho nntlafatsa.

13. A nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Mme lepera la hla la tloha hang ho yena.

14. A mo laela, a re, a se ke a bolella motho, a re: O mpe o yo ipontsha ho moprista, mme o ananele ho ntlafala ha hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e tle e be bopaki ho bona.

15. Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.

16. Haele yena, o ne a dula mafeelleng, a ntse a rapela.

17. Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.

18. Yaba ho tla banna ba jereng ka diphate motho ya omeletseng ditho, ba leka ho mo kenya ka tlung, a tle a bewe pela Jesu.

19. Yare ha ba sa bone hoba ba tla mo kenya le kae, ka baka la bongata, ba hlwella hodima ntlo, ba phunya marulelo, ba mo theolela kahare, pela Jesu, a robetse diphateng tsa hae.

20. Jesu, ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Motho, dibe tsa hao o di tshwaretswe.