BIBELE e Halalelang

Luka 5:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Jesu, ha a bona tumelo ya bona, a re ho yena: Motho, dibe tsa hao o di tshwaretswe.

21. Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?

22. Yare ha Jesu a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le hopolelang jwalo ka dipelong tsa lona?

23. Na haele ho re: O tshwaretswe dibe tsa hao, e le ho re: Ema, o tsamaye, ho bonolo ke hofe na?

24. Jwale, — hore le tle le tsebe hobane Mora motho o na le matla lefatsheng a ho tshwarela dibe, — a re ho ya omeletseng ditho: Ke re ho wena: Ema, o nke diphate tsa hao, o ikele tlung ya hao.

25. Eo a phakisa a ema pontsheng ho bona, a nka diphate tseo a neng a robetse ho tsona, a ikela tlung ya hae a ntse a rorisa Modimo.

26. Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

27. Kamora tseo, a tswa moo, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho; a re ho yena: Ntatele!

28. Yena a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.

29. Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.

30. Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?

31. Jesu a araba, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka; empa e batlwa ke ba kulang.

32. Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

33. Yaba ba re ho yena: Barutuwa ba Johanne ba itimelang dijo hangata, ba etsetsang merapelo, le ba bafarisi ba etsetsang jwalo le bona, kanthe ba hao ba ja, ba nwa?

34. A re ho bona: Na le ka re, balekane ba monyadi ba itime dijo, ha monyadi a sa na le bona na?