BIBELE e Halalelang

Luka 5:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utlwa lentswe la Modimo; o ne a eme lebopong la letsha la Genesarethe.

2. A bona dikepana tse pedi tse emeng haufi le lebopo, batshwasi ba tswile ho tsona, ba hlatswa matlowa a bona.

3. A kena ho se seng, e leng sa Simone, mme a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Yaba o dula sekepaneng, a ruta matshwele.

4. Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa kwetseng, mme le akgele matlowa a lona, le tshwase.

5. Empa Simone a araba, a re ho yena: Monghadi, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, mme ha re a ka ra tshwasa letho; leha ho le jwalo, ka polelo ya hao ke tla akgela letlowa.

6. Ha ba entse jwalo, ba tshwasa bongata bo boholo ba dihlapi, letlowa la ba la kgaoha.

7. Ba hwehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Yaba ba tla, ba tlatsa dikepana tse pedi tseo, tsa batla di teba.

8. Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.