BIBELE e Halalelang

Luka 4:40-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Letsatsi ha le dikela, bohle ba nang le ba jewang ke malwetse a mefuta, ba ba tlisa ho yena; a bea matsoho a hae hodima e mong le e mong, a ba fodisa.

41. Le batemona ba tswa ho ba bangata, ba howa, ba re: Ke wena Kreste, Mora wa Modimo. Jesu a mpa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kahobane ba ne ba mo tseba hobane ke yena Kreste.

42. Letsatsi ha le tjhaba, a tswa, a ya feelleng. Matshwele a mmatla. Mme ha ba mo fihlela, ba ne ba re, ba mo thibela hore a se ke a tloha ha bona.

43. A mpa a re ho bona: E ka kgona ke bolelle le metse e meng Evangeli ya mmuso wa Modimo; hobane ke rometswe hona.

44. Mme a nna a ruta masinagogeng a Galelea.