BIBELE e Halalelang

Luka 4:22-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?

23. A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.

24. A mpa a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho moporofeta ya amohelwang naheng ya habo.

25. Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;

26. mme ha ho a ka ha eba eo Elia a rongwang ho yena, haese mosadi wa mohlolohadi wa Sarepta, naheng ya Sidone.

27. Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.

28. Ba leng sinagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utlwa dipolelo tseo.

29. Ba ema, ba mo lelekela kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o hahilweng hodima yona, ba re, ba ya mo dihela.

30. Empa yena a iphetela hara bona, a ikela.

31. Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.

32. Ba ne ba tsota thuto ya hae; hobane a ne a bua ka borena.

33. Monna o ne a le teng sinagogeng, ya nang le moya wa motemona o ditshila; a howa ka lentswe le leholo,

34. a re: Tloha! taba ya rona le wena ke efe, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a o tseba hoba o mang: o Mohalaledi wa Modimo.

35. Jesu a kgalemela motemona, a re: Kgutsa, o tswe ho yena. Yaba motemona, hobane a mo dihele hare, a tswa ho yena, a sa mo ntshe kotsi.

36. Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?

37. Mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.

38. Yaba o tswa sinagogeng, a kena tlung ya Simone. Mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke febere e kgolo; ba mo rapella ho yena.