BIBELE e Halalelang

Luka 4:12-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Jesu a mo araba, a re: Ho boletswe, ho thwe: O se ke wa leka Morena, Modimo wa hao.

13. Eitse hobane Diabolose a qete moleko wohle, a mo tlohela, nako e nngwe e tle e be e fihle.

14. Yaba Jesu o boela Galelea ka matla a Moya; mme botumo ba hae ba utlwahala mathokong wohle a naha eo.

15. O ne a ruta masinagogeng a bona, a ntse a roriswa ke bohle.

16. A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.

17. Yaba o newa buka ya moporofeta Esaia; mme ha a phutholotse buka, a fihlela sebaka moo ho ngodilweng, ho thwe:

18. Moya wa Morena o ho nna, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho fodisa ba pelo tse bohloko, ho bolella ba holehilweng hore ba tla lokollwa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hloriswang sebaka sa ho ikela,

19. le ho bolela selemo sa Morena se molemo.

20. Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.

21. Yaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le a ikutlwela.

22. Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na?

23. A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.

24. A mpa a re: Kannete ke re ho lona: Ha ho moporofeta ya amohelwang naheng ya habo.

25. Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;

26. mme ha ho a ka ha eba eo Elia a rongwang ho yena, haese mosadi wa mohlolohadi wa Sarepta, naheng ya Sidone.

27. Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.

28. Ba leng sinagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utlwa dipolelo tseo.

29. Ba ema, ba mo lelekela kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o hahilweng hodima yona, ba re, ba ya mo dihela.

30. Empa yena a iphetela hara bona, a ikela.

31. Yaba o theohela Kapernauma, motse wa Galelea; mme o ne a ruta batho ka matsatsi a Sabatha.