BIBELE e Halalelang

Luka 3:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe;

6. mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.

7. O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?

8. Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.

9. Hape, selepe se se se beilwe metsong ya difate. Mme jwale, sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.

10. Bongata ba mmotsa, ba re: Ha ho le jwalo, re tla etsa eng na?

11. A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.

12. Balekgetho le bona ba tla ho kolobetswa, mme ba re ho yena: Moruti, re tla etsang na?

13. a re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa hoo le ho laetsweng.

14. Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.

15. Jwale, kahobane setjhaba se ne se dutse ka tebello, bohle ba hakanya ka dipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be ke yena Kreste,

16. Johanne a ba araba bohle, a re: Nna, ke fela ke le kolobetsa ka metsi; empa e mong o a tla, ya mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhwele la dieta tsa hae; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.