BIBELE e Halalelang

Luka 3:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;

2. ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentswe la Modimo la tla ho Johanne, mora wa Sakaria, feelleng.

3. A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe;

4. jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya ditaba tsa moporofeta Esaia, ho thwe: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.

5. Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe;

6. mme nama yohle e bone poloko ya Modimo.

7. O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?