BIBELE e Halalelang

Luka 24:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu?

6. Ha a yo mona, empa o tsohile. Hopolang kamoo a le boleletseng kateng, ha a sa le Galelea,

7. a re: Mora motho o tshwanetse ho neelwa matsohong a baetsadibe, a thakgiswe, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro.

8. Yaba ba elellwa ditaba tseo tsa hae.

9. Jwale ba kgutla lebitleng, ba ya bolela taba tseo tsohle ho ba leshome le motso o mong, le ho ba bang bohle.

10. Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona.

11. Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.

12. Leha ho le jwalo, Petrose a tloha, a mathela lebitleng; eitse hobane a nyarele, a bona masela a beilwe a nnotshi fatshe; a ntoo kgutla, a ntse a maketse ka ho yena ke se hlahileng.

13. Ka lona tsatsi leo, ba babedi ba bona ba ne ba ya motsaneng o mong, o bitswang Emmause, bohole ba wona le Jerusalema e le stadia tse mashome a tsheletseng;

14. ba ne ba buisana ka tseo tsohle tse hlahileng.

15. Ba re ba sa buisana, le ho botsana, Jesu ka sebele a ba atamela, mme a tsamaya le bona.

16. Empa mahlo a bona a ne a sirelwa, ba ba ba sitwa ho mo tseba.

17. A re ho bona: Le ntse le buisana ka taba dife le ntse le tsamaya, le bileng le swabile hahakale?

18. E mong, lebitso la hae e le Kleopa, a araba, a re: Ke wena o le mong hara ba ahileng Jerusalema ya sa tsebeng taba tse hlahileng teng tshiung tsena?

19. A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle;