BIBELE e Halalelang

Luka 24:42-53 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. Ba mo nea sesuma sa hlapi e besitsweng le kgekge ya dinotshi;

43. mme a di nka, a ja pela bona.

44. A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.

45. Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo.

46. A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;

47. ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.

48. Lona, le dipaki tsa taba tseo.

49. Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.

50. A ba isa kantle, ho ya fihla Bethania, a emisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa.

51. A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong.

52. Haele bona, ba mo kgumamela, ba ntoo kgutlela Jerusalema ka thabo e kgolo.

53. Ba ne ba le tempeleng kamehla, ba ntse ba boka Modimo, ba o rorisa.