BIBELE e Halalelang

Luka 24:33-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Ka yona nako eo ba tloha, ba kgutlela Jerusalema, mme ba fihlela ba leshome le motso o mong ba phuthehile le ba nang le bona, ba re:

34. Morena o tsohile bafung kannete; o bile o bonwe ke Simone.

35. Le bona ba pheta tse ba hlahetseng tseleng, le kamoo a itsebisitseng ho bona kateng, ka ho ngwatha bohobe.

36. Ba re ba sa bolela tseo, Jesu a hla a ema hara bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

37. Ba mpa ba tshoha, ba tshaba haholo, ba hloma eka ba bona seriti.

38. A re ho bona: Le tshohelang? mme mehopolo e jwalo e hlahelang dipelong tsa lona?

39. Bonang diatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke nna ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, jwalokaha le mpona ke ena le wona.

40. Eitse ha a sa ba bolella hoo, a ba bontsha diatla tsa hae le maoto.

41. Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?

42. Ba mo nea sesuma sa hlapi e besitsweng le kgekge ya dinotshi;

43. mme a di nka, a ja pela bona.

44. A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.

45. Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo.

46. A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;

47. ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.