BIBELE e Halalelang

Luka 24:10-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ba boleletseng baapostola ditaba tseo, e ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le bang ba nang le bona.

11. Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.

12. Leha ho le jwalo, Petrose a tloha, a mathela lebitleng; eitse hobane a nyarele, a bona masela a beilwe a nnotshi fatshe; a ntoo kgutla, a ntse a maketse ka ho yena ke se hlahileng.

13. Ka lona tsatsi leo, ba babedi ba bona ba ne ba ya motsaneng o mong, o bitswang Emmause, bohole ba wona le Jerusalema e le stadia tse mashome a tsheletseng;

14. ba ne ba buisana ka tseo tsohle tse hlahileng.

15. Ba re ba sa buisana, le ho botsana, Jesu ka sebele a ba atamela, mme a tsamaya le bona.

16. Empa mahlo a bona a ne a sirelwa, ba ba ba sitwa ho mo tseba.