BIBELE e Halalelang

Luka 23:8-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong.

9. A mmotsa ditaba tse ngata; empa Jesu ha a ka a mo araba letho.

10. Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla.

11. Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.

12. Ka lona letsatsi leo, Pilato le Heroda ba qala ho ratana; athe pele ba ne ba hloyane.

13. Jwale Pilato a bokella hammoho baprista ba baholo, le mahosana, le setjhaba;

14. a re ho bona: Le tlisitse motho enwa ho nna, la re, o kgelosa setjhaba; bonang, nna ke mmotsisitse le le teng, mme ha ke a ka ka fihlela molato leha o le mong ho motho enwa, wa ditaba tseo le mo qosang ka tsona.

15. Ho dutse jwalo le Heroda, hobane o mo kgutliseditse ho rona; mme bonang motho enwa ha a ka a etsa letho le tshwanelwang ke lefu.

16. Ka baka leo, ke tla mo shapa, ke ntoo mo lokolla.

17. Pilato o ne a tshwanetse ho ba lokollela e mong ka mokete o mong le o mong.

18. Yaba bongata bo howa kaofela, ba re: Tlosa enwa, o re lokollele Barabase.

19. Eo e ne e le monna ya kenntsweng teronkong ka baka la moferefere oo a neng a o tsositse hara motse, le ka baka la polao.

20. Pilato, ka ho rata ho lokolla Jesu, a boela a bua le bona.

21. Empa ba eketsa ho howa, ba re: Mo thakgise! Mo thakgise!