BIBELE e Halalelang

Luka 23:50-56 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

50. Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.

51. O ne a sa ka a dumela morero wa ba bang le diketso tsa bona. E ne e le wa Arimathea, motse wa Bajuda, mme le yena o ne a lebeletse mmuso wa Modimo.

52. Motho eo a ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu.

53. Eitse hobane a se fanyolle, a se phuthela leseleng, a se pata lebitleng le tjhekilweng lefikeng, moo ho neng ho eso ho patwe motho teng.

54. Tsatsi leo e ne e le la hlekelo, mme e ne e se e tla ba Sabatha.

55. Athe basadi ba neng ba tswile Galelea ba latela Jesu, ba tadima lebitla, le kamoo setopo sa Jesu se bewang kateng.

56. Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.