BIBELE e Halalelang

Luka 23:37-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. ba re: Ekare ha o le morena wa Bajuda, o ipholose.

38. Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.

39. Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.

40. Empa se seng sa kgalemela seo, sa re: Na wena ha o tshabe Modimo keng, kanthe o tsuong e le nngwe le enwa?

41. Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.

42. Yaba se re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao!

43. Jesu a re ho sona: Kannete ke re ho wena: O tla ba le nna kajeno Paradeiseng.

44. E ne e le hora e batlileng ho tshelela, mme lefifi la eba teng naheng yohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.

45. Letsatsi la fifala, mme lesela la tempele la hahoha ka lehare.

46. Jesu hobane a meketse ka lentswe le leholo, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moya.

47. Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!

48. Batho kaofela ba neng ba phuthehile ho tla boha, ba kgutla, ha ba bone tse hlahileng, ba ntse ba iteta difuba.

49. Haele ba tsebanang le yena kaofela, le basadi ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba ne ba eme kathoko, ba tadimile tse etswang.

50. Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.