BIBELE e Halalelang

Luka 23:23-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Empa ba howa ka mantswe a maholo, ba kopa hore a thakgiswe. Mehoo ya bona le ya baprista ba baholo ya hlola.

24. Pilato a kgaola, a re, ho etswe kamoo ba kopang kateng.

25. A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.

26. Eitse ha ba mo isa polaong, ba tshwara e mong ya bitswang Simone, wa Sirene, ya neng a etswa masimong, ba mo jarisa sefapano kamora Jesu.

27. Jesu a latelwa ke bongata bo boholo ba batho, le ke basadi ba itetang difuba, ba mo llelang.

28. Empa Jesu a retelehela ho bona, a re ho bona: Baradi ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lona le bara ba lona;

29. hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa.

30. Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;

31. hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etswa jwang ho se omileng?

32. Mme ba ne ba isa le ba bang ba babedi e leng disenyi, ho ya bolawa le yena.

33. Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Lehata, ba mo thakgisa moo le disenyi tseo, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.

34. Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.

35. Batho ba ne ba eme ba tadimile; babusi le bona ba ne ba mo soma, ba re: O pholositse ba bang; a a ipholose le yena, haele yena Kreste, mokgethwa wa Modimo!

36. Le bona bahlabani ba ne ba mo soma, ba mo atamela, ba mo nea asene;

37. ba re: Ekare ha o le morena wa Bajuda, o ipholose.

38. Hape, ho no ho manehilwe lengolo kahodimo ho yena, le ngodilweng ka diletere tsa Segerike, le tsa Seroma, le tsa Seheberu, le reng: Enwa ke morena wa Bajuda.

39. Se seng sa disenyi tse thakgisitsweng se ne se mo soma le sona, se re: Ekare haele wena Kreste, o ipholose, le rona o re pholose.

40. Empa se seng sa kgalemela seo, sa re: Na wena ha o tshabe Modimo keng, kanthe o tsuong e le nngwe le enwa?

41. Athe haele rona, ho re loketse, hobane re nka se tshwanetseng tseo re di entseng; empa enwa ha a ka a etsa letho le kgopo.