BIBELE e Halalelang

Luka 22:64-71 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

64. Ba mo kwahela mahlo, ba mo wahlela, ba mmotsa, ba re: Porofeta! ke mang ya o otlileng.

65. Ba mo nyefola le ka ditaba tse ding tse ngata, tseo ba mo hlabang ka tsona.

66. Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.

67. Ba re ho yena: Ha o le Kreste, o re bolelle. Empa a re ho bona: Leha nka le bolella, le ke ke la dumela;

68. mme leha nka le botsa, le ke ke la nkaraba le hona, mme le ke ke la ntesa ka ya.

69. Ho qala jwale, Mora motho o tla be a dule letsohong le letona la matla a Modimo.

70. Yaba bohle ba re: Na ke ho re, o Mora Modimo na? A re ho bona: Le a bolela; ke yena.

71. Ba re: Dipaki re sa di batlelang, ha e le moo re ikutlwetse molomong wa hae?