BIBELE e Halalelang

Luka 22:53-65 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.

54. Jwale ba phakisa ba mo tshwara, ba ya le yena, ba mo isa tlung ya moprista e moholo. Haele Petrose a latela a le hole.

55. Eitse ha ba besitse mollo kahara lebala, ba dutse hammoho, Petrose a dula hara bona.

56. Jwale, lekgabunyane le leng, ha le mmona a dutse pela mollo, la mo hlaba ka mahlo, la re: Le enwa o ne a na le yena.

57. Empa a mo latola, a re: Mosadi, ha ke mo tsebe.

58. Hamoraonyana, e mong a mmona, a re: Le wena o wa bona. Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke wa bona.

59. Ha ya motsotso o kang wa hora e le nngwe, e mong a omela, a re: Kannete le enwa o ne a na le yena; hobane ke Mogalelea.

60. Empa Petrose a re: Monna towe, ha ke tsebe seo o se bolelang. Empa hanghang, a re a sa bua, mokoko wa lla.

61. Morena a reteleha, a sheba Petrose. Mme Petrose a elellwa polelo ya Morena kamoo a neng a mmolelete kateng, a re: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

62. Yaba Petrose o tswela ntle, a lla habohloko.

63. Banna ba tshwereng Jesu ba ne ba mo soma, mme ba mo otla.

64. Ba mo kwahela mahlo, ba mo wahlela, ba mmotsa, ba re: Porofeta! ke mang ya o otlileng.

65. Ba mo nyefola le ka ditaba tse ding tse ngata, tseo ba mo hlabang ka tsona.