BIBELE e Halalelang

Luka 22:5-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ba thaba haholo, mme ba dumellana hammoho ho mo nea tjhelete.

6. Mme ha a se a dumetse, a batla sebaka sa ho ba neela yena, setjhaba se sa tsebe.

7. Eitse letsatsi la mahobe a se nang ditomoso ha le fihlile, leo batho ba tshwanetseng ho hlaba Paseka ka lona,

8. Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.

9. Ba re ho yena: O rata hore re e lokise kae?

10. A re ho bona: Etlare ha le kena motseng, le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; le mo latelle tlung eo a tla kena ho yona;

11. mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona?

12. O tla le bontsha ntlo e kahodimo e kgolo, e kgabisitsweng. Le lokise Paseka teng.

13. Eitse ha ba ile, ba fihlela ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.

14. Nako ha e tlile, a dula tafoleng le baapostola ba leshome le metso e mmedi.

15. A re ho bona: Ke lakaditse haholo ho ja Paseka ena le lona, ke eso ho utlwe bohloko.

16. Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke e ja, e tle e be e phethehe mmusong wa Modimo.

17. Jwale a nka senwelo, a leboha, a re: Se nkeng, le se sielane.

18. Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tle ho be ho fihle mmuso wa Modimo.

19. A ntoo nka bohobe, mme eitse hobane a lebohe, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Hona ke mmele wa ka, o neelwang lona; etsang hona hore le tle le nne le nkgopole.

20. A etsa jwalo le ka senwelo, ha ba se ba laletse, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.

21. Empa, bonang, letsoho la ya nkekang le na le nna tafoleng.

22. Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho laetswe; empa ho madimabe motho ya mo ekang.

23. Mme ba qala ho botsana hore na ekaba ke mang hara bona ya tla etsa hona!

24. Kgang le yona ya eba teng hara bona ya ho tseba hore na ke ofe wa bona ya ka lekanngwang hoba ke e moholo.

25. Empa a re ho bona: Marena a ditjhaba a di busa, mme ba di busang ho thwe, ke bababalli ba tsona.