BIBELE e Halalelang

Luka 22:39-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

39. Yaba o a tloha, a ya thabeng ya Mehlwaare, ka temalo ya hae; mme barutuwa ba hae ba mo latela.

40. Yare ha a fihlile teng, a re ho bona: Rapelang, hore le se kene molekong.

41. A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,

42. a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.

43. Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.

44. Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.

45. Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba;

46. a re ho bona: Na le robetse keng? Tsohang, le rapele, hore le se kene molekong.

47. A re a sa bua, sehlopha sa hlaha, mme ya bitswang Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a se eteletse pele; a atamela ho Jesu ho mo aka.

48. Empa Jesu a re ho yena: Judase, hleka o eka Mora motho ka kako na?

49. Yaba ba nang le yena, ha ba bona se tla hlaha, ba re ho yena: Morena, a re tla hlatha ka sabole na?

50. Yaba e mong wa bona o hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona.

51. Empa Jesu a bua, a re: Ba leseleng ho fihlela hona! Mme a ama tsebe ya motho eo, a mo fodisa.

52. Yaba Jesu o bolella baprista ba baholo, le balaodi ba tempele, le baholo ba tlileng ho mo tshwara, a re: Le tlile ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka le batla leshodu!