BIBELE e Halalelang

Luka 22:3-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba Satane o kena ho Judase, ya bitswang Iskariota, eo e neng e le wa palo ya ba leshome le metso e mmedi.

4. A ya ho baprista ba baholo, le ho balaodi ba makgotla, ho rera le bona kamoo a tla ba neela yena kateng.

5. Ba thaba haholo, mme ba dumellana hammoho ho mo nea tjhelete.

6. Mme ha a se a dumetse, a batla sebaka sa ho ba neela yena, setjhaba se sa tsebe.

7. Eitse letsatsi la mahobe a se nang ditomoso ha le fihlile, leo batho ba tshwanetseng ho hlaba Paseka ka lona,

8. Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.

9. Ba re ho yena: O rata hore re e lokise kae?

10. A re ho bona: Etlare ha le kena motseng, le tla kgahlana le motho ya jereng nkgo ya metsi; le mo latelle tlung eo a tla kena ho yona;

11. mme le re ho monga ntlo: Moruti o re ho wena: Ntlo e kae eo ke tla jela Paseka le barutuwa ba ka ho yona?

12. O tla le bontsha ntlo e kahodimo e kgolo, e kgabisitsweng. Le lokise Paseka teng.

13. Eitse ha ba ile, ba fihlela ho le jwalokaha a ba boleletse; mme ba lokisa Paseka.

14. Nako ha e tlile, a dula tafoleng le baapostola ba leshome le metso e mmedi.