BIBELE e Halalelang

Luka 22:26-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa e moholo hara lona a be jwaloka e monyenyane, mme ya busang a be jwaloka ya sebeletsang.

27. Hobane e moholo ke mang? A ke ya dutseng tafoleng, kapa a ke ya sebeletsang na? Na hase ya dutseng tafoleng na? Empa nna, ke hara lona jwaloka ya sebeletsang.

28. Ke lona ba tiiseditseng le nna melekong ya ka.

29. Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona,

30. le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.

31. Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro;

32. empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.

33. Simone a re ho yena: Morena, ke itokisitse ho ya le wena teronkong, leha e le lefung.

34. Empa Jesu a re: Petrose, ke a o bolella hoba mokoko o ke ke wa lla kajeno, o eso ho latole hararo hore o a ntseba.

35. Yaba o re ho bona: Mohla ke neng ke le romile le se na mokotlana wa ditjhelete, le mokotla wa tsela, le dieta, na le kile la hloka ho hong na? Ba re: Ha ho letho leo re kileng ra le hloka.

36. A re ho bona: Empa jwale, ya nang le mokotlana wa ditjhelete a o nke le wona makotla wa tsela; ya hlokang sabole a ithekele yona ka kobo ya hae.

37. Hobane ke le bolella hore taba e ngodilweng e tshwanetse ho phethehala ho nna, e reng: O badilwe le bakgopo. Hobane ditaba tsa ka di ya ho feleng ha tsona.

38. Yaba ba re: Morena, bona, disabole tse pedi ke tsena. A re ho bona: Ho lekane.

39. Yaba o a tloha, a ya thabeng ya Mehlwaare, ka temalo ya hae; mme barutuwa ba hae ba mo latela.