BIBELE e Halalelang

Luka 21:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. hobane bao kaofela ba noketse dikabelong tsa Modimo, ba nkile ho tlallweng ha bona; kanthe enwa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.

5. Ba bang ha ba ntse ba bolela tempele, ba re, e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dikabelo, a re:

6. Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.

7. Yaba ba mmotsa, ba re: Moruti, na tseo di tla etsahala neng, mme pontsho e tla ba efe ya hoba tseo di se di tla hlaha?

8. A re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa; hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste, nako e atametse. Empa le se ke la ba latela.

9. Mohla le utlwang dintwa le meferefere, le se ke la tshoha; hobane tseo di tshwanetse ho hlaha pele, empa le moo, bofelo bo ke ke ba hlaha kapele.

10. Jwale a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong.

11. Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.

12. Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.