BIBELE e Halalelang

Luka 21:24-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.

25. Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.

26. Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.

27. Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.

28. Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse.

29. A ba bolella setshwantsho, a re: Bonang sefate sa feiye le difate tsohle.

30. Ha le di bona di se di hlahisa mahlaku, le ye le tsebe le lona hoba lehlabula le haufi.

31. Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le bona tseo di hlaha, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o haufi.

32. Kannete ke re ho lona: Moloko ona o ke ke wa feta, tseo di eso ho hlahe.

33. Lehodimo le tla feta le lona lefatshe, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa ba tsa feta.

34. Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;

35. hobane le tla wela ba ahileng lefatsheng lohle jwaloka sefi.

36. Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.

37. Jesu o ne a ruta tempeleng motshehare; bosiu o ne a etswa, a ya dula thabeng e bitswang ya Mehlwaare.

38. Mme batho kaofela ba ne ba etla ho yena tempeleng ho mo mamela, e sa le ka meso.