BIBELE e Halalelang

Luka 20:38-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Athe Modimo hase Modimo wa bafu, ke wa ba phelang; hobane ho wona batho kaofela ke ba phelang.

39. Yaba ba bang ho bangodi ba bua, ba re: Moruti, o arabile hantle.

40. Hobane ba ne ba tshaba ho boela ba mmotsa taba leha e le nngwe.

41. Empa a ba bolella, a re: Ho thwe, Kreste ke mora wa Davida jwang,

42. kanthe Davida yena o boletse bukeng ya Dipesaleme, a re: Morena o boleletse Morena wa ka, a re: Dula letsohong la ka le letona,

43. ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?

44. Ana jwale, Davida ha a mmitsa Morena wa hae, e ka ba mora wa hae jwang?

45. Yaba o bolella barutuwa ba hae, batho bohle ba ntse ba mametse,

46. a re: Phemang bangodi, ba ratang ho itsamaela ka dikobo tse telele, le ho dumediswa mapatlelong; ba ratang ditulo tse kapele masinagogeng, le ditulo tse kapele meketeng.

47. Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.