BIBELE e Halalelang

Luka 20:14-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Empa balemi, yare ha ba mmona, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, lefa e tle e be la rona.

15. Eitse hobane ba mo lahlele kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya. Mme jwale, monga tshimo ya merara o tla ba etsa jwang?

16. O tla tla, a timetse balemi bao; mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Ha ba utlwa hoo, ba re: ho se ke ha eba jwalo!

17. A mpa a ba tjamela, a re: Mme ke eng hona ho ngodilweng: Lejwe le lahlilweng ke dihahi, ke lona le entsweng la motheo la sekgutlo?

18. E mong le e mong ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha; mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.

19. Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.

20. Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.

21. Ba mmotsa, ba re: Moruti, re a tseba hobane o bua le ho ruta ka ho loka; ha o tadime tshobotsi ya motho, o mpa o hlile o ruta tsela ya Modimo kannete.

22. Na ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?

23. Eitse ha a lemoha mano a bona, a re ho bona: Le ntekelang?

24. Mpontsheng denare. E na le setshwantsho sa mang, le lengolo la mang? Ba araba, ba re: La Sesare.

25. Yaba o re ho bona: Ha ho le jwalo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo.

26. Ba sitwa ho mo tshwasa polelong tseo tsa hae pela batho; ba makatswa feela ke karabo ya hae, mme ba kgutsa.

27. Yaba ba bang ba basadusi, ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,

28. ba re: Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Moholwane wa motho ha a shwele a ena le mosadi, empa a se na bana, e ka kgona moenae a nke mohlolohadi eo wa hae, a tle a hlahisetse ngwanabo bana.

29. Jwale, bara ba motho ba ne ba le teng, ba supile; wa pele ho bona a nyala mosadi, a shwa a se na bana.

30. Wa bobedi a nka mosadi eo, mme a shwa a se na bana le yena.

31. Le wa boraro a mo nka; mme ha eba jwalo ho bona ba supileng: ba eshwa, ba sa siye bana.

32. Kamora bona kaofela, le yena mosadi eo a shwa.