BIBELE e Halalelang

Luka 20:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlang oo, ka tsatsi le leng, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a ba bolella Evangeli, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba ba tla,

2. ba bua le yena, ba re: Ako re bolelle matla ao o etsang ntho tseo ka wona, le hoba ya o fileng matla ao ke mang na?

3. A araba, a re ho bona: Ke tla le botsa taba le nna.

4. Mpolelleng, na kolobetso ya Johanne e ne e tswa lehodimong, kapa e ne e tswa bathong na?

5. Jwale ba eletsana hammoho, ba re: Ha re ka re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha le a ka la e dumela keng?

6. Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, setjhaba kaofela se tla re tlepetsa ka majwe; hobane se kgotswe hoba Johanne e ne e le moporofeta.

7. Ba araba, ba re: Ha re tsebe moo e tswang teng.

8. Yaba Jesu o re ho bona: Le nna nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

9. Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana.

10. Ka nako ya ho kotula, a romela mohlanka wa hae ho balemi, hore ba mo fe ditholwana tsa merara; empa balemi ba mo otla, mme ba mo kgutlisa a le feela.