BIBELE e Halalelang

Luka 2:9-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jwale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, kganya ya Morena ya ba teela hare, mme ba tshaba ka tshabo e kgolo.

10. Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;

11. ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.

12. Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.

13. Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:

14. Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.

15. Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.