BIBELE e Halalelang

Luka 2:35-50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.

36. Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae;

37. mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.

38. Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.

39. Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.

40. Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.

41. Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.

42. Eitse ha a le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ba nyolohela Jerusalema ka mokgwa wa mokete.

43. Hobane ba qete matsatsi a mokete, ha ba se ba boela ha habo, ngwana Jesu a sala Jerusalema, Josefa le mmae ba sa tsebe.

44. Empa, ka ho re, ekaba o letshweleng, ba tsamaya letsatsi le le leng, ba ntoo mmatla hara metswalle ya bona le bao ba tsebanang le bona.

45. Ha ba sa mmone, ba boela Jerusalema, ba ntse ba mmatla.

46. Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.

47. Bohle ba mo utlwang ba ne ba tsota hlalefo ya hae le dikarabo tsa hae.

48. Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.

49. A re ho bona: Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hoba ke tshwanetse ho ba teng ditabeng tsa Ntate na?

50. Empa ha ba ka ba utlwisisa taba eo a ba bolellang yona.