BIBELE e Halalelang

Luka 2:33-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Josefa le mma ngwana ba ne ba makala ke ditaba tsohle tseo a bolelwang ka tsona.

34. Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;

35. le hona, lerumo le tla hlaba pelo ya hao, hore mehopolo ya dipelo tse ngata e tle e senolwe.

36. Hape, ho ne ho le Anna, moporofeta wa mosadi, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere; o ne a se a hodile haholo, a kile a ba le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae;

37. mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.

38. Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.

39. Eitse hobane ba phethe tsohle tse laetsweng molaong wa Morena, ba kgutlela Galelea, ba ya Nasaretha, motseng wa habo.

40. Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.

41. Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.