BIBELE e Halalelang

Luka 2:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.

12. Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.

13. Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:

14. Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.

15. Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.

16. Yaba ba phakisa ba eya, ba fihlela Maria, le Josefa, le lesea le robaditsweng sejelong.

17. Eitse hobane ba le bone, ba bolela kahohle taba tsa ngwana, tseo ba di boleletsweng.