BIBELE e Halalelang

Luka 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.

2. Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria.

3. Yaba batho bohle ba ya ho ngolwa, e mong le e mong motseng wa habo.

4. Josefa le yena a tloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida, o bitswang Bethlehema, etswe e ne e le motho wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae;

5. ba ya ho ngolwa le Maria, mosadi eo a mo lebeleditseng, e neng e le moimana.

6. Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha;

7. a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.