BIBELE e Halalelang

Luka 19:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.

9. Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.

10. Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.

11. Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.

12. A re: Motho e moholo o ne a etela fatsheng le hole ho inkela borena, a ntoo boya.

13. A bitsa bahlanka ba hae ba leshome, a ba nea ponto tse leshome, a re ho bona: Le nne le bapatse ka tsona, ke be ke fihle.

14. Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.