BIBELE e Halalelang

Luka 19:37-48 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

37. Ha a se a atametse motheo wa thaba ya Mehlwaare, bongata jwa barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba boka Modimo ka mantswe a maholo, ka baka la mehlolo yohle eo ba e boneng;

38. ba re: Ho bokwe monghadi ya tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong, le kganya mahodimong a hodimodimo!

39. Bafarisi ba bang, ba hara bongata, ba re ho yena: Moruti, kgalemela barutuwa ba hao.

40. A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.

41. Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,

42. a re: Jo! hoja ebe le wena o tsebile, le ka tsatsi lena la hao, tse ka beng di o hlahisetsa kgotso! Empa jwale di patetswe mahlo a hao.

43. Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;

44. ba tla o dihela fatshe, wena le bana ba hao ba ho wena, mme ba ke ke ba lesa ha hao lejwe hodima lejwe le leng; hobane ha o a ka wa tseba nako eo o etetsweng ka yona.

45. Yaba o kena tempeleng, a qala ho phahlela ntle ba bapatsang le ba rekang teng;

46. a re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka ke ntlo ya thapelo; empa lona, le e entse lehaha la mashodu.

47. O ne a ruta tempeleng ka matsatsi wohle; mme baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba ne ba rata ho mo timetsa.

48. Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.