BIBELE e Halalelang

Luka 19:15-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Eitse mohla a kgutlang a se a nkile borena, a laela hore bahlanka ba hae, bao a ba neileng ditjhelete, ba bitswe, a tle a tsebe hoba e mong le e mong o ruile ho le hokae ka papatso ya hae.

16. Ha fihla wa pele, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse leshome.

17. A re ho yena: Ho lokile, mohlanka ya molemo; ereka ha o bile kgabane ka ntho e nyenyane, busa metse e leshome.

18. Wa bobedi a tla, a re: Morena, ponto ya hao e hlahisitse ponto tse hlano.

19. a re ho yena: Le wena, o buse metse e mehlano.

20. Mme e mong a tla, a re: Morena, ponto ya hao e sa le yona ena eo ke neng ke e phuthetse leseleng;

21. hobane ke o tshabile, ka hobane o le motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.

22. A re ho yena: Mohlanka e mobe, ke tla o ahlola ka polelo ya hao. O ne o tseba hobane ke motho ya thata, ke nkang seo ke sa kang ka se bea, ke kotulang seo ke sa kang ka se jala!

23. Ha ho le jwalo, ha o ka wa bea keng tjhelete ya ka bankeng, mme ho kgutleng ha ka nka be ke e latile le phaello ya yona?

24. Yaba o re ho ba leng teng: Mo amoheng ponto eo, le e nee ya nang le diponto tse leshome.

25. Ba re ho yena: Morena, o se a ena le diponto tse leshome.

26. Ke fela ke re ho lona: Ho tla fuwa e mong le e mong ya nang le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a nang le sona.

27. Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.

28. Eitse hobane a bue taba tseo, a ba etella pele, a nyolohela Jerusalema.

29. Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,

30. a re: Eyang motsaneng oo le o lebileng; etlare ha le sa kena ho wona, le tla fumana petsana ya esele e holehilweng, e esong ho kallwe ke motho le ka mohla o le mong; e lokolleng, le e tlise.

31. Ha e mong a ka le botsa, a re: Le e lokollelang? le re ho yena: Ke hobane Morena o a e hloka.