BIBELE e Halalelang

Luka 19:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jesu a kena Jeriko, a pholletsa hara motse.

2. Mme bonang, monna o ne a le teng ya bitswang Sakea; e ne e le molaodi wa balekgetho, hape e ne e le morui.

3. a rata ho bona Jesu hoba ke mang, a mpa a sitwa ka baka la bongata; hobane a ne a le mokgutshwanyane boemong.

4. Yaba o mathela pele, a hlwella sefateng sa sikomora, hore a tle a mmone, hobane o ne a tla feta ho sona.

5. Yare ha Jesu a etla moo, a lelala hodimo, a mmona, mme a re ho yena: Sakea, phakisa o theohe; hobane e ka kgona ke fapohele tlung ya hao kajeno.

6. Yaba o phakisa a theoha, a mo amohela ka thabo.

7. Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe.

8. Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.

9. Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.

10. Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ho timetseng.