BIBELE e Halalelang

Luka 17:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Iponeleng! Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, o mo kgalemele; ha a baka, o mo tshwarele.

4. Mme leha a ka o sitelwa hasupa ka tsatsi le le leng, mme a kgutlela ho wena hasupa, a re: Ke bakile; o mo tshwarele.

5. Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona.

6. Morena a re: Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate seo sa sikomora: Fothoha, o ye ho itlhoma lewatleng; mme se ne se tla le utlwa.

7. Ke mang ho lona, ya nang le mohlanka ya lemang, kapa ya disang dikgomo, a ka reng ho yena, ha a sa tswa oroha naheng: Tloo kapele, o dule dijong?

8. Na haholo a ke ke a re ho yena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, o itlame, o ntshebeletse, ke tle ke be ke je, ke nwe; kamora tseo, wena o tla ja, o nwe?

9. Na o tla boka mohlanka eo, kahobane a entse ntho tseo a di laetsweng? Ha ke lekanye jwalo.

10. Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.

11. Enereha a eya Jerusalema, a sika le moedi wa Samaria le Galelea.

12. Eitse ha a kena motsaneng o mong, a kgahlana le banna ba leshome, e leng balepera, ba neng ba eme hojana.

13. Ba phahamisa mantswe, ba re: Jesu, Monghadi, re hauhele.

14. Mme ha aba bona, a re ho bona: Eyang, le ipontshe ho baprista. Ba re ba sa ya, ba hla ba ntlafala.

15. E mong wa bona, eitse ha a fihlela hobane o fodile, a kgutla le mehlala ya hae, a ntse a rorisa Modimo ka lentswe le leholo;

16. mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.

17. Yaba Jesu o bua, a re: Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na?

18. Ha ba ka ba boya, ba tle ba tlotlise Modimo, haese motho enwa wa mofuta osele?