BIBELE e Halalelang

Luka 17:19-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Yaba o re ho yena: Ema, o ikele; tumelo ya hao e o pholositse.

20. Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.

21. Ho ke ke ha thwe: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane; hobane mmuso wa Modimo o se o le kahare ho lona.

22. A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.

23. Ho tla thwe ho lona: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane. Le se ke la ya teng, mme le se ke la mathela teng.

24. Hobane jwaloka lehadima, ha le hadima, le ye le hadime ho qala nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho isa nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho tla ba jwalo le Mora motho tsatsing la hae.

25. Empa e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo pele, a lahlwe ke moloko ona.

26. Jwalokaha ho ne ho etsahale mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo mehleng ya Mora motho.

27. Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.

28. Le hona ho tla ba jwalokaha ho kile ha etsahala mehleng ya Lota: Ho ne ho jewa, ho nowa, ho rekwa, ho rekiswa, ho lengwa, ho hahuwa matlo.

29. Empa ka letsatsi leo Lota a tswang Sodoma ka lona, lehodimo la neswa mollo le sebabole, ba ba ba timetswa kaofela ke tsona.

30. Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a tla hlaha ka lona.

31. Ka tsatsi leo, ya leng hodima ntlo, mme phahlo tsa hae di leng ka tlung, a se ke a theohela ho di nka; ka mokgwa o jwalo ya leng naheng, le yena a se ke a kgutlela hae.

32. Elellwang mosadi wa Lota.

33. E mong le e mong ya tla batla ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona, mme e mong le e mong ya tla timellwa ke jona, ke yena ya tla bo boloka.

34. Ke a le bolella, ke re: Ka bosiu boo, ho ba babedi ba robetseng phateng e le nngwe, e mong o tla nkwa, e mong a tlohelwe.