BIBELE e Halalelang

Luka 12:51-59 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Na le lekanya hoba ke tlile ho kenya kgotso lefatsheng na? Ke re ho lona: Tjhe, empa e le karohano.

52. Hobane ho tloha jwale, batho ba bahlano ba ntlo e le nngwe ba tla arohana, ba bararo ba lwantshe ba babedi, ba babedi ba lwantshe ba bararo.

53. Ntata motho o tla arohana le mora wa hae, le mora a arohane le ntatae; mma motho o tla arohana le moradi wa hae, le moradi a arohane le mmae; matsala motho o tla arohana le ngwetsi ya hae, mme ngwetsi e arohane le matsala yona.

54. A ntoo re ho bongata: Mohla le bonang leru le nyoloha Bophirimela, le ye le phakise le re: Pula e tla na. Mme ho fele ho be jwalo.

55. Ere ha le bona ha foka moya o tswang nqa Borwa, le re: Ho tla futhumala. Mme ho fele ho be jwalo.

56. Baikaketsi! le tseba ho lemoha tshobotsi ya lehodimo le ya lefatshe, mme nako ena ha le tsebe keng ho e lemoha?

57. Mme ha le ikgethele keng se lokileng e le lona?

58. Jwale, ha o eya ho morena le eo le tsekisanang le yena, o phehelle ho fedisa taba le yena le sa le tseleng le yena, esere mohlomong a o hulela pela moahlodi, moahlodi yena a o neela mohlanka wa lekgotla, mme mohlanka a o kgarameletsa teronkong.

59. Ke a o bolella, o ke ke wa tswa teng, o eso ho lefe le tjheletana e horeletseng.