BIBELE e Halalelang

Luka 12:29-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Ka baka leo, le se ke la batla seo le tla se ja le seo le tla se nwa, mme le se ke la ipelaetsa;

30. hobane dintho tseo kaofela di batlwa ke ditjhaba tsa lefatshe; empa Ntata lona o tseba hobane le a di hloka;

31. le mpe le batle mmuso wa Modimo pele, mme ntho tseo kaofela le tla di ekeletswa.

32. Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.

33. Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.

34. Hobane, moo letlotlo la lona le leng teng, ke moo le dipelo tsa lona di tla ba teng.

35. Matheka a lona a tlangwe, mme mabone a lona a tuke.

36. Le lona le be jwaloka batho ba lebeletseng morena wa bona hore na o tla kgutla neneng bohading, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba mmulele hanghang.

37. Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.

38. Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.

39. Le lemohe hoba, hola monga ntlo a ka tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ya hae ya phunngwa.

40. Jwale, le lona le itokise; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.

41. Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na?

42. Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?