BIBELE e Halalelang

Luka 12:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.

2. Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.

3. Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; le tseo le di nyenyeletsang tsebeng diphaposing, di tla bolelwa dihlorong tsa matlo.

4. Empa ke re ho lona le leng metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.

5. Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.

6. Dirobele tse hlano hleka ha di rekwe ka peni tse pedi na? Leha ho le jwalo, Modimo ha o lebale le se seng sa tsona.

7. Esita le qoba tsa moriri wa dihlooho tsa lona di badilwe kaofela. Se tshabeng ke hona; le fetisa dirobele tse ngata.

8. Ke re ho lona: E mong le e mong ya tla mpolela pela batho, Mora motho le yena o tla mmolela pela mangeloi a Modimo;

9. empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo.

10. E mong le e mong ya sebileng Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ya nyefotseng Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa.

11. Etlare ha ba le isa masinagogeng, le pela baholo le babusi, le se ke la belaella mokgwa oo le tla ikarabela ka wona, leha e le seo le tla se bolela;