BIBELE e Halalelang

Luka 11:43-52 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.

44. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.

45. Yaba e mong wa baruti ba molao o araba, a re ho yena: Moruti, ha o bua jwalo, o a re omanya le rona.

46. Jesu a re: Ho madimabe le lona, baruti ba molao; hobane le jarisa batho diphahlo tse ba imelang, mme lona, le hana ho ama diphahlo tseo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.

47. Ho madimabe lona, hobane le haha mabitla a baporofeta ba bolailweng ke bontata lona;

48. le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.

49. E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;

50. hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,

51. ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.

52. Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.