BIBELE e Halalelang

Luka 11:41-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.

42. Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.

43. Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.

44. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.

45. Yaba e mong wa baruti ba molao o araba, a re ho yena: Moruti, ha o bua jwalo, o a re omanya le rona.

46. Jesu a re: Ho madimabe le lona, baruti ba molao; hobane le jarisa batho diphahlo tse ba imelang, mme lona, le hana ho ama diphahlo tseo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.

47. Ho madimabe lona, hobane le haha mabitla a baporofeta ba bolailweng ke bontata lona;

48. le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.

49. E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;

50. hore madi a baporofeta bohle a tsholotsweng, haesale lefatshe le thewa, a batlwe ho moloko ona,

51. ho qala ka madi a Abele, ho qetella ka madi a Sakaria, ya bolailweng mahareng a aletare le tempele. E, ke rialo ho lona, ke re: A tla batlwa ho moloko ona.

52. Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.

53. Eitse hobane a bolele taba tseo, bangodi le bafarisi ba qala ho mmuisa haholo, ba tle ba mmoledise hodima tse ngata.

54. Ba ne ba mo laletse, ba tle ba tshware taba e ka tswang molomong wa hae, eo ba ka mo qosang ka yona.