BIBELE e Halalelang

Luka 11:32-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase, mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.

33. Ha ho motho ya hotetsang lebone ho le bea sephiring, leha e le katlasa morula; empa o le hloma kandelareng, hore ba kenang ba bone lesedi.

34. Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ekare ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o na le lesedi; empa ha le le lebe, mmele wohle wa hao o lefifing.

35. O iponele ke hona, hore lesedi le ho wena e se ke ya eba lefifi.

36. Ekare ha mmele wohle wa hao o ena le lesedi, ho se moo ho leng lefifi, ke hona o tla ba le lesedi hohle, jwalokaha lebone le o bonesa ka lesedi la lona.

37. A re a sa bua, mofarisi e mong a mo rapela, hore a ke a tle ho ja le yena; a ya, a dula dijong.

38. Empa mofarisi a makala, ha a bona hobane ha a ka a itlhatswa, ha ho tla jewa.

39. Morena a re ho yena: Lona bafarisi, le hlatswa sejana le mokeke kantle, kanthe kahare ho lona ho tletse boshodu le lonya.

40. Mawatla ting! ya entseng bokantle, na ha a ka a etsa le bokahare na?

41. Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.

42. Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.

43. Ho madimabe lona, bafarisi, hobane le rata ditulo tse kapele masinagogeng, le ho dumediswa mapatlelong.

44. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.

45. Yaba e mong wa baruti ba molao o araba, a re ho yena: Moruti, ha o bua jwalo, o a re omanya le rona.