BIBELE e Halalelang

Luka 11:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ba bang hape ba mo leka, ka ho qela pontsho e tswang lehodimong.

17. Empa Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng ho itwantsha, o tla fetoha lesupi; mme ntlo e nngwe le e nngwe e arohaneng ho itwantsha, e tla wa.

18. Ka baka leo, Satane le yena, ha a ka arohana ho itwantsha, mmuso wa hae o tla tiya jwang, haele moo lona le bolela hore ke leleka batemona ka Beelsebule?

19. Ha efela nna ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona.

20. Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.

21. Mohla senatla se tshwereng marumo, se lebelang ntlo ya sona, mesebetsi ya sona kaofela e ituletse hantle;

22. empa, ha ho ka tla e mong ya se fetisang ka matla, a se hlola, o tla se amoha dihlomo tsohle tseo se di tshepileng, a hapisise tse hapilweng ke sona.

23. Ya sa ntwaneleng o a ntwantsha; le ya sa bokelleng le nna o a hasanya.

24. Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng o ntse o batla phomolo; empa ha o e hlokile, o re: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona.

25. Ere ha o fihla teng, o e fumane e fietswe, hape e hlophilwe.

26. Jwale o ye, o late meya e mong e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa morao di fetise tsa pele ka ho dula hampe.

27. Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosadi e mong ya hara bongata a phahamisa lentswe, a re ho yena: Ho lehlohonolo popelo e o emereng, le matswele ao o a antseng.