BIBELE e Halalelang

Luka 11:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohlomong, ha Jesu a le bakeng se seng, a rapela; eitse hobane a qete thapelo ya hae, e mong wa barutuwa ba hae, a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae.

2. A re ho bona: Ha le rapela, le no re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong;

3. o re fe, ka matsatsi wohle, bohobe ba rona, bo lekanang letsatsi le leng le le leng;

4. o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.

5. A re ho bona: Ekare ha e mong ho lona a ena le motswalle, mme a ya ho yena bosiu bo boholo, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo;

6. hobane molekane wa ka wa moeti o fapohetse ha ka, mme ke hloka seo nka se beang pela hae;

7. mme eo, ya leng kateng, ha a ka mo araba, a re: Se nkgathatse, hobane monyako o se o kwetswe, mme bana ba ka ba banyenyane ba robetse le nna diphateng, ke sitwa ho tsoha ho o fa;

8. ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.

9. Le nna ke re ho lona: Kopang, mme le tla fuwa; batlang, mme le tla fumana; kokotang, mme le tla bulelwa;

10. hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang.

11. Ntata motho ke ofe hara lona, ekareng ha ngwana hae a kopa bohobe ho yena, a ka mo fang lejwe? Leha a kopa hlapi, a ka hla a mo fa noha bakeng sa hlapi na?