BIBELE e Halalelang

Luka 10:21-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.

22. Dintho tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang hoba Mora ke mang, haese Ntate, le hoba Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ka ratang ho mo senolela yena.

23. A ntoo retelehela ho barutuwa ba hae, a re ho bona, ba le kathoko: Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le di bonang!

24. Hobane ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le marena ba ratile ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.

25. Yaba moruti e mong wa molao o ema, a leka Jesu, a re: Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?

26. A re ho yena: Na ho ngodilweng molaong? O balang teng?

27. A araba, a re: O tla rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle; le wa heno, o mo rate jwalokaha o ithata.

28. Jesu a re ho yena: O arabile hantle; etsa hoo, mme o tla phela.

29. Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?

30. Jesu a bua, a re: Motho e mong o ne a theohile Jerusalema ho ya Jeriko; a wela hara dihlola; tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha dikotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.

31. Moprista a tshoha a theoha ka tsela eo; yare ha a mmona, a mo kwekwetla.

32. Ka mokgwa o jwalo le Molevi a fihla moo, mme ha a mmona, a mo kwekwetla.